Sephuthelo
O a amohelwa lethathameng la Demokrasi la Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (Independent Electoral Commission). Lethathama lena ke sete ya dikarete tse 4 tseo ho leng bonolo ho itsamaela ka tsona le ho di bala. Dikarete tsena di leka ho bontsha hore dikgetho di o dumella ho etsa ntho e itseng. Dikgetho ke mokgwa wa ho etsa dintho tse itseng . Ha batho ba kenetse mokgwa o itseng wa ho etsa dintho, ba re kapa ba bontsha seo ba se hlokang kapa seo ba se batlang ka ho itseng.
Ha o kgetha, o re kapa o bontsha seo o se hlokang kapa seo o se batlang. O hlahisa kgetho ya hao.
Dikgetho di simolla ka motho a le mong ? ka mantswe a mang, ka wena.
Ke taba ya bohlokwa hore o utlwisise hore ho vouta ke ketso e matla. Ke ntlha ya bohlokwa hore o utlwisise hantle ntho eo o e etsang ha o hlahisa kgetho ya hao. Re lakatsa hore o ke o nahane ka lesedi leo o tla le fumana dikareteng tsena, e le hore ha o se o di badile kaofela, o tle o tsebe ho utlwisisa ka ho hlaka hore o motho wa bohlokwa ho le hokae demokrasing e tshwanang le ya Afrika Borwa.
Dikareteng tsena re kopa hore o qale ka ho itjheba ha o na le motho e mong, le ba lelapa, o le mokgatlong o itseng kapa o le kahare ho setjhaba se itseng. Ho tloha moo o tla tadima Afrika Borwa, mme re o thusa ho fumana hore na o utlwisisa moo o tshwanelang teng dibopehong tse tshwanang le wate (ward), ho masepala, provenseng le naheng ya heno ya Afrika Borwa. Ha o se o entse jwalo, o tla be o se o le malala-a-laotswe ho ka nahana ka moo o kenang teng kontinenteng ya Afrika, Lefatsheng ekasitana le Yuniveseng.
Re dumela ntho ena e tla o thusa ho tadima dikgetho ho la Afrika Borwa ka tsela e fapaneng. Re dumela hore ha o se o qetile ho sebetsana le dikarete tsena kaofela, bonyane o tla be o ikemiseditse ho nahana hape ka kgetho ya hao ya ho ba le seabo kapa tjhe dikgethong tsena.
Dikarete tse nne di akaretsa ditaba tsena:
Demokrasi, ditokelo tsa botho le ho vouta
Baemedi, ho etsa qeto le ho vouta
Dikgetho tsa mmuso wa selehae
Re na le tshepo ya hore o tla natefelwa ke ho bala ka ditaba tsena. Re lekile ho o fa lesedi la bohlokwa ka ho fetisisa ka ditaba tsena, empa ha re a leka ho akaretsa tsohle. Re hlwaile le tsela e ikgethang ya ho nahana ka ditaba tsena. Ha se yona feela tsela e le nngwe e ka latelwang. Empa re dumela hore ke e tla o thusa ho sheba dibaka tsa tsebo tse tlisang phetoho e kgolo bophelong ba hao.
Yuniti ya Ntshetsopele le thuto ka Dikgetho tsa Demokrasi
Pherekgong 2005
Z-Karete ya 1: Demokrasi le ditokelo tsa botho
Ntho eo o ka nahang ka yona!
Re batla ho ba le lentswe ha ho etswa diqeto tse re amang. Re batla ho ba le seabo mokgweng ona o latelwang. Batho ha ba rate hore ba be le maikutlo a hore ho na le motho e mong ya laolang bophelo ba bona. Ha re batle ha batho ba bang ba etsa diqeto tse re amang, empa re sa tsebe letho ka tsona. Boholo ba rona re batla ho ameha mokgweng ona wa ho etsa dintho. Ho na le batho ba bang ba reng ha ba batle ho ameha, empa boemong bo bong bo itseng bophelong ba bona, ho na le ntho e ?kgwaphohang? kahare ho dihlooho tsa bona, ba qale ho botsa, ?Ke ne ke le kae ha qeto eo e ne e etswa??
Demokrasing diqeto di etswa ke batho BOHLE ba angwang ke diqeto tseo, e ka ba ka tsela e otlolohileng kapa e tshopodi. Lemoha hore re toboketsa ?BOHLE?. Re etsa sena ho toboketsa ka moo motho e mong le e mong e leng wa bohlokwa ka teng!
Empa ke hobaneng ha motho e mong le mong e le wa bohlokwa?
Karabo mona e bonolo haholo hoo o ke keng wa nahana ka yona: Ke hobane o teng o a phela! O motho! O teng! O a phela! O na le tokelo yohle.
Tokelo ke eng? Tokelo ke ntho eo o ka e tsekang. Tokelo ke ntho eo o loketseng ho ba le yona. Tokelo tsa botho ke ditokelo tseo o ka di tsekang hobane o le motho. O loketse hore o be le tsona hobane o le motho. Tlhoko ya hao ke hore feela o teng o a phela! Ha ho hlokahale hore o rutehe kapa o be morui. Ha o a tlameha hore o dule karolong e kgetholohileng ya lefatshe. Ha o a lokela hore o be le letlalo la mmala o ikgethang.
O na le ditokelo tsa botho hobane o motho ? mme ha ho tsotellehe hore ?motho? o hlaloswa ka mokgwa o jwang. Ditjhaba tseo eleng ditho tsa mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng di ile tsa dumellana ka ditokelo tsa mantlha tsa batho dilemong tse ngata haholo tse fetileng, ka 1958.
Na o nahana hore ho tlamehile ho ba le leraba le itseng le tla o tshwasa kaekae? Nnete, ke hore leraba le teng: Tokelo efe kapa efe eo o e tsekang, ntho efe kapa efe eo o tlamehileng hore o be le yona, e feleheditswe ke boitlamo bo itseng le kapa boikarabelo! O fumana ntho e itseng, empa le wena o lokela ho fana ka ntho e itseng.
Ho fihlela mona o sibolotse eng ka demokrasi?
Demokrasi ke tsela eo re e sebedisang ho etsa qeto e etswang ke BOHLE bao qeto ena e ba amang ka mokgwa o otlolohileng kapa o tshopodi. Mokgwa ona o shebahala tjena:
O na le bonyane mehato e latelang:
Ha o angwa ke qeto e ilo etswa, o tseba seo o se hlokang, seo o se batlang, seo o se lakatsang le seo o se labalabelang.
O a tseba hore o na le boitlamo kapa boikarabelo ho ka buwa kapa ho hlahisa seo o se hlokang, o se batlang, o se lakatsang kapa o se labalabelang bathong ba bang bao le bona ba angwang ke qeto e ilo etswa.
Batho bohle ba angwang ke qeto ba lokela ho sheba le ho hlahloba ditlhoko, tseo ba di batlang, tseo ba di lakatsang le tseo ba di labalabelang tseo ba di hlahisitseng. Jwale bohle le ka hlahloba boikgethelo ba bona BOHLE kapa boikarabelo ba bona.
Jwale le ka etsa qeto hore le tlo etsa jwang. Ka mantswe a mang, le etsa qeto ka mohato oo le tla o latela.
Bohle le a dumellana ka mohato oo le tla o latela. Le amohela mohato ona oo le tla o latela.
Qetellong, le phethahatsa mohato oo. O etse seo le dumellaneng ka sona.
Kgutlela mohatong wa pele:
Kamehla o kgutlele mohatong wa pele hobane ditlhoko, dintho tseo batho ba di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa bona di a fetoha. Batho ba hola mme ba tswele pele. Ka hoo ka dinako tsohle sebaka se lokela ho ba teng sa phetoho le kgolo! Ka mehla, kgutlela morao mohatong wa pele hobane o hloka hore o etse qeto ya hore na ditlhoko, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabelo di fetohile haholo hoo o nang le maikutlo a mang ka mohato oo o amohetseng oo o lokelang ho o latela.
Ha ditlhoko, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabelo di fetohile haholo, jwale o tla lokela hore o latele mehato hape botjha.
Jwalo ka ha o lemoha, demokrasi ya sebele ke mosebetsi o boima. Ka dinako tse ding re lekeha hore re kgaoletse ka la pholo-kgwaba, le ho batla ho, ?Bolella bohle seo ba lokelang ho se etsa!? Empa ako nahanise taba ena. Ke taba ya bohlokwa ho etsa mosebetsi ona o boima haeba qetellong o tla utlwa ditlhoko, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa hao di ile tsa fetoha karolo ya mokgwa ona o lokelang ho latelwa! Na o ke ke wa dumela?
Hobaneng e le ntho ya bohlokwa hore ke sebetse hantle dintho tseo ke di hlokang, tseo ke di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa ka?
O na le tokelo ? le boitlamo ? ba ho itlhokomela. Ha ho motho ya tsebang ditlhoko tsa hao, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabaelo tsa hao ho feta wena! Ka hoo, ke nnete, hore o na le tokelo ya ho ba lefatsheng lena mme o na le tokelo ya ho ba motho ya hlwahlwa ka ho fetisisa! Empa o lokela hore o etse qeto ya hore na ?bohlwahlwa? bo bolelang ho wena! Na ha se mohopolo o motle!
Ditokelo tsa Bana
Pele re tswela pele, re batla ho buwa taba ya bohlokwa e mabapi le batho ba ikgethang ba bitswang hore ke bana. Dinaheng tse ngata, motho e mong le e mong ya ka tlase ho dilemo tse 18 ke ngwana. Seboka sa Ditokelo tsa Bana se tshireletsa ditokelo tsa bana. Seboka sena se buwa dintho tsena tse latelang:
Batho ba baholo ba na le boikarabelo ba ho etsetsa bana diqeto.
Batho ba baholo ba lokela ho etsa diqeto tse ?molemong wa ngwana?.
Batho ba baholo ba lokela ho tataisa le ho laola bana ba bona, ho latela bokgoni ba ngwana e mong le e mong.
Hantlentle hoo ho bolelang? Ho bolela hore ha bana ba se ba hodile ho lekaneng ho ka inahanela ka dintho tse ba amang, batho ba baholo ba lokela ho ba dumella ho hlahisa maikutlo a bona. Batho ba baholo ba lokela hore ba nkelle hloohong maikutlo a bana nakong eo ba etsetsang bana diqeto. Ha bana ba ntse ba hola mme ba butswa ho feta ka kelellong tsa bona, batho ba baholo ba lokela hore ba nkelle hloohong maikutlo a bona ho feta.
Ka mantswe a mang, batho ba baholo ha ba lokela ho hatella bana ho etsa ntho eo ba batlang hore ba e etse ho sa natswe hore bana ba hlokang, ba batlang eng, ba lakatsa hore ho etsahale jwang kapa tabatabelo tsa bona ke dife. Batho ba baholo, ba lokela ho ruta bana hore ba etse diqeto tse tla ba etsa batho ba hlwahlwa, diqeto tse tla nyehela bohlwahlweng ba batho. Batho ba baholo ha ba ?rua? bana. Ba na le boikarabelo ba ho ba ruta HORE ba nahane jwang, eseng hore ba nahane ENG. Ba na le boitlamo ba ho hodisa bana ka mokgwa o tla etsa hore ba fetohe batho ba ikemetseng ba tsebang ho amohela hore batho ba bang ba na le ditokelo tse tshwanang le tsa bona tsa ho ba teng le ho phela.
Demokrasi le ditokelo tsa botho di tsamaya mmoho
Empa haeba batho kaofela ba ruile lefatshe mme batho kaofela ba tshwanelwa ke ho thaba le ho kgotsofala, re tla hlahisa maikutlo a rona jwang ka dintho tseo re di hlokang, re di batlang, re di lakatsang le tseo re di labalabelang ka mokgwa o motle o ke keng wa utlwisa ba bang bohloko?
Ha qeto e ama feela batho ba palo e itseng batho bao e tla ba bona ba tla etsa qeto ka bobona. Ba tla etsa qeto ka mokgwa o otlolohileng. Ha qeto e ama palo e kgolo ya batho kapa dihlopha tse ngata tsa batho, dintho di tsamaya ka potlako ho feta mme ho bobebe ho dumella baemedi hore ba etse qeto. Moemedi ke motho eo o mo kgethang hore a etse qeto kapa a nke bohato lebitsong la hao. Ha o na le moemedi, o kenela mokgwa wa ho nka qeto ka tsela e sa otlolohang.
Re kgetha batho bana jwang? Ntlheng ya pele, re lokela ho botsa, ?Ke motho wa mofuta ofe kapa wa sehlopha se jwang seo ke se ratang le ho se tshepa ho ka emela ditlhoko tsa ka, dintho tseo ke di batlang, ditakatso le dintho tseo ke di labalabelang?? Ka morao ho moo re lokela ho itlhophisa le ho vouta bakeng sa baemedi. Ho vouta ke tsela ya ho hlahisa tlhoko, seo o se batlang, seo o se lakatsang le seo o se labalabelang.
Potso e hlahlamang ke, ?Re vouta jwang? Tsela e latelwang ke efe?? Karabo e itshetlehile boholong ba sehlopha le hore ke baemedi ba palo e kae bao batho ba batlang ho ba kgetha. Haeba sehlopha se le senyenyane mme batho ba batla ho kgetha moemedi a le mong feela, ba ka etsa qeto ya ho hlahisa kgetho ya bona ka ho phahamisa matsoho a bona bakeng sa motho eo ba batlang ho mo kgetha.
Kareteng e hlahlamang re tla tadima ka botebo bo itseng, baemedi, ho etsa qeto le ho vouta. Dula o na le rona!
Z-Karete ya 2: Baemedi, taba ya ho etsa qeto le ho vouta
Mefuta e fapaneng ya demokrasi
Mofuta wa A: Demokrasi e otlolohileng
Mofuteng o tjena wa demokrasi, le palo e nyenyane haholo. Ha re tehe mohlala ka hore le babedi feela mme le batla ho etsa qeto, qeto e tshwanang le; ?Re ilo etsa jwang ka Moqebelo?? Qeto e le ama le le babedi mme le lokela hore le kene mokgweng wa ho etsa qeto. Ke ntlha ya bohlokwa ho ipha sebaka sa ho lekola menyetla ya boikgethelo bohle boo le nang le bona ka botebo. Batho hangata ba dula ba potlakile haholo, mme ba qetella ba entse ntho eo ba neng ba sa batle ho e etsa.
Mofuta wa B: Demokrasi e sa otlolohang: demokrasi ya boemedi le demokrasi eo qeto ya yona o lokelang ho e tjhaellwa monwana pele
Mofuteng ona ho atisa ho ba le batho ba bangata ba hlokang ho kenela mosebetsi wa ho etsa qeto. Ho nolofatsa sena qeto e nkuwa ke baemedi ba kgethilweng lebitsong la bona. Sena ke sona se bitswang hore ke ho kenela ka tsela e sa otlolohang kapa demokrasi e sa otlolohang. Demokrasi e sa otlolohang e ka ba ya moo qeto e lokelang ho tjhaellwa monwana pele kapa ya boemedi.
Ho fihlela mona re ile ra tadima tsela e bonolo ya ho utlwisisa hore demokrasi ke eng. Re o bontshitse hore ditokelo tsa rona tsa botho di re dumella ho kenela mohato o itseng o sebedisetswang ho etsa diqeto. Re itse hape haeba o kenela mokgwa wa ho etsa qeto ka tsela e sa otlolohang, o sebedisa baemedi hore ba o etsetse qeto.
Wena le moemedi wa hao
Ha o kgetha moemedi hore a o etsetse diqeto, o lokela hore pele o netefatse hore wena le moemedi wa hao le utlwisisa mofuta wa kamano eo le tla ba le yona ha mmoho. O lokela hore o botse dipotso tse itseng tse matla ka kamano, mme dipotso tsena di lokela ho arajwa phatlalatsa le ka botshepehi.
Wena ha mmoho le moemedi wa hao le lokela ho utlwisisa le ho dumellana ka hore ho tla etsahala eng haeba e mong wa lona a roba tshepiso kapa tumellano. O lokela ho tseba hore ho tla etsahala eng haeba moemedi a sa etse seo o mo kopang ho se etsa, kapa a sa etse seo ka tshwanelo. O ka rarolla ditaba tsena kaofela ka ho latela mehato e tsheletseng ya mohato wa ho fihlela qeto ka tsela ya demokrasi eo re buileng ka yona Kareteng ya 1.
Hobaneng re hloka boemedi?
Ha re boeleng re tadimeng mohopolo wa mantlha wa boemedi. Nahana o le motho a le mong hara ba bangata ba angwang ke qeto e lokelang ho etswa. O entse seo o lokelang ho se etsa ka ho dula o le malala-a-laotswe hore o tle o tsebe ho kena. O tseba seo o se hlokang, o se batlang, o nang le takatso ya sona kapa o se labalabelang.
Haeba kaofela ha lona le leka ho etsa qeto ha mmoho, e tla nka nako e telele. Mokgwa o latelwang e tla ba o lobokaneng, mohlomong moo ho tla tsoha le morusu. Ka hoo o hlokang? O leka ho e nolofatsa. O leka ho kgetha motho kapa sehlopha se tla emela tlhokeho e ikgethang, dintho tseo o di batlang, tseo o di lakatsang kapa tseo o di labalabelang.
Boemedi bo amana le eng?
Jwale o lokela hore o nahane: O lokela ho tadima eng ho motho ya itseng kapa sehlopha se tla o emela? Jwale, motho eo kapa sehlopha seo se tla tseba jwang seo o se hlokang le seo o se batlang hosane, bekeng e hlahlamang kapa selemong se tlang?
Mona, re kgona ho bona hore dintho tse itseng di lokela hore di etswe.
O lokela hore o kgone ho fumana motho kapa sehlopha se tla o emela.
Mahlakore ka bobedi (wena le moemedi) a tla lokela hore a dumellane ka mokgwa oo ditebello tsa mahlakore ana a mabedi di tlang ho kgotsofatswa ka ona.
O tla lokela hore o etse qeto ya hore o tla lekanya le ho hlahloba tshebetso ya motho kapa sehlopha seo o se kgethileng jwang.
Ka hoo o simolla ka ho nehelana ka matla ho moemedi wa hao hore a kgone ho etsa diqeto lebitsong la hao. Sena se bitswa matla a thomo. Empa le loketse hore le dumellane ka hore o tla tswela pele ho netefatsa hore moemedi wa hao o sebedisa matla a thomo ao o mo fileng ona hantle, ka tsela eo o lebeletseng hore a sebedise ka wona.
Hona ho bolela hore o lokela hore o tsebe ho hong ka mefuta e fapaneng ya boemedi. Re tla buwa ka mefuta e mmedi: demokrasi ya boemedi le eo qeto ya yona o tla dula o tjhaellwa monwana pele.
Phapano dipakeng tsa demokrasi eo qeto ya yona e lokelang ho tjhaellwa monwana pele le demokrasi ya boemedi
Kamanong ya boemedi e thehilweng hodima demokrasi eo qeto ya yona e lokelang ho tjhaellwa monwana pele, kutlwisiso dipakeng tsa mahlakore a mabedi ana e batla e le tjena:
Re o fa matla a ho re etsetsa diqeto. Diqeto tsa hao di tla re ama ka tsela e otlolohileng empa re dumela hore o a tshepahala mme re tshepa hore o ke ke wa etsa diqeto tse tla re beha ka mosing. Re lebeletswe hore o rerisane le rona ka dinako tsohle ha o lokela ho etsa qeto tse tla re ama. Ha re sa kgotsofalla qeto tseo o di etsang lebitsong la rona re ka nna ra kgetha ho fana ka matla ana ho motho e mong?
Ntho ya bohlokwa ke efe matleng ana a thomo? Ke hore boitshwaro ba moemedi ba letsatsi le leng le le leng bo hlakisitswe hantle. Demokrasing eo ho yona diqeto tse etswang di lokelang ho tjhaellwa monwana, baemedi ba sebetsa ka tsela e atamelaneng ho feta le batho ba emetsweng ha ho etswa diqeto tsa letsatsi le letsatsi.
Demokrasing ya boemedi kutlwisiso dipakeng tsa mahlakore a mabedi e tjena:
Re o fa matla a ho re etsetsa diqeto. Diqeto tsa hao di tla re ama ka tsela e otlolohileng empa re dumela hore o a tshepahala mme re tshepa hore o ke ke wa etsa diqeto tse tla re beha ka mosing. Re lebeletswe hore o rerisane le rona ka morao ho dilemo tse pedi. Nakong eo, ha re sa kgotsofalla qeto tseo o di etsang lebitsong la rona re ka nna ra kgetha ho fana ka matla ana ho motho e mong?
Ketsahalong ena, batho ba emetsweng ha ba amane le diqeto tsa letsatsi le letsatsi tse nkuwang ka tsela ya ho itahlela ka setotswana ho tsona. Ketsahalong ena e ikgethileng matla a thomo a ntjafatswa ka morao ho dilemo tse ding le tse ding tse pedi. Empa nako e ka kgutsufala kapa ya lelefala ho latela ka moo mahlakore ana a mabedi a kgethang ka teng le ka moo ba labalabelang hore ho be ka teng.
Ke dintlha dife tse lokelang hore di kenyeletswe matleng a thomo?
Matla a thomo a mabedi ao o ileng wa tadima a bonolo haholo, empa bobedi ba ona a bontsha tlhompho ya tlhoko ya batho ya ho etsa qeto ya se lokelang ho etsahala ho bona le ho batho ba ditjhaba tsa bona.
Matla a thomo a lokela hore a bolele ka tsela e hlakileng hore ho tla etsahalang haeba dintho di sa tsamaye ka moo ho rerilweng ka teng.
Matla a thomo a lokela le ho hlalosa ka moo mahlakore a mabedi a tla netefatsa ka teng hore ditlhoko, tse batlwang, ditakatso le ditabatabelo tsa mahlakore ana a mabedi di a kgotsofatswa nakong e tlang, jwalo ka ha di ntse di fetoha mme di tswela pele. Ena ke pale e sa fihleng pheletsong! Empa e thehilwe hodima motheo o reng batho ba ka etsa qeto ka dintho tse etsahalang ho bona. Re na le boikarabelo ba ho tshireletsa tokelo ena.
Re tshepa hore jwale o se o tseba haholwanyane ka mefuta e fapaneng ya demokrasi le mefuta e fapaneng ya boemedi. Re tshepa le hore o utlwisisa hore demokrasi e bolela hore o lokela ho tseba se etsahalang lefatsheng la hao. Demokrasi ha e bolele feela ho vouta. E tshwanetse hore e bolele dintho tse fetang ho vouta feela.
Re hloka hore re hlokomele se etsahalang, re lekole seo baemedi ba rona ba se etsang.
Re lokela hore re be le boikarabelo ho tse etsahalang le hore re hlokomele hore baemedi ba rona ba kgona ho ikarabela ho tsona.
Ka morao ho nako re hloka ho lekola botjha matla a thomo ao re fanang ka ona ho baemedi ba rona, re nke qeto ya hore re tla ntjhafatsa matla ana a thomo kapa tjhe.
Na re entse hore o ke o nahane? Tshwarella jwalo mme o emele mokgahlelo o mong o hlahlamang wa ditaba!
Z-Karete ya 3: Dipolotiki le dikgetho
Jwalo ka ha o bone, ho rala mokgwa wa tsela ya demokrasi ya ho etsa diqeto ha se ntho e rarahaneng haholo. Empa ha o se o batla ho leka ho kenya tshebetsong mokgwa oo, ho na le dintho tse ngata haholo tse lokelang ho nkellwa hloohong. Ke mona moo ditaba di qalang ho ba mosenekeng!
Ha re boeleng re lekoleng hape mokgwa ona o lokelang ho latelwa:
Mokgwa wa ho etsa diqeto ka tsela ya demokrasi:
Mohato wa 1: Ha o angwa ke qeto e ilo nkuwa, o tseba hore o hlokang, o batlang, ditakatso tsa hao ke dife le hore o labalabela eng.
Mohato wa 2: O na le boitlamo kapa boikarabelo ba ho buwa kapa ho hlahisa ditlhoko tsa hao, tseo o di batlang, ditakatso kapa ditabatabaelo tsa hao bathong ba bang bao le bona ba angwang ke diqeto tse tla etswa.
Mohato wa 3: Batho kaofela ba angwang ke qeto tsena ba lokela ho tadima le ho hlahloba ditlhoko, tseo ba di batlang, ditakatso le ditabatabelo tseo ba di hlahisitseng. Jwale le ka sebetsa mmoho ho lekola menyetla KAOFELA le boikarabelo.
Mohato wa 4: Jwale le ka etsa qeto ya seo le ilo se etsa. Ka mantswe a mang le etsa qeto ka tsela e tla latelwa ya tshebetso.
Mohato wa 5: Bohle le dumellana ka tsela e tla latelwa ya tshebetso. Le amohela tsela e tla latelwa ya tshebetso.
Mohato wa 6: Qetellong, le phethisa seo. Le etsa seo le dumellaneng ka sona.
Kgutlelang mohatong wa pele kgetlong le leng le le leng ha ditlhoko tsa lona, tseo le di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa lona di fetoha!
Mohato wa pele mokgweng wa tshebetso o utlwahala o le bonolo ho fihlela o emisa mme o leka ho nahana ka wona. Ithute hore o ?buisane le wena? jwang ? e le hore o tle o tsebe hantle hore seo o se hlokang, o se batlang, o se lakatsang mme o se labalabelang se ka kgona ho etsahala. Empa bonyane ke wena feela. Nahana ka se etsahalang ha o fetile boemo ba hao o le mong. Mona ke ho hlwa thaba ya tonana!
Seo re se bolelang hantlentle ke taba e reng ha re batla hore demokrasi ya rona e sebetse, kaofela re hloka ho amohela hore re na le boikarabelo ba ho itaola. Mme re tla lokela hore jwale re sebetse ka boikarabelo bona.
Motho a le mong ke karolo ya setjhaba
Karolwana e nyenyane ka ho fetisisa ya sebopeho sa setjhaba ke motho a le mong. Nahana ka motho a le mong e le setene se le seng moahong wa motonana, o kopakopaneng. Setene sena se etsa patrone ya sebele ha mmoho le ditene tse ding mme qetellong re bona ho bopeha lebota. Ntle le lebota lena ho ke ke ha e ba le moaho. Ka mantswe a mang, re bolela hore motho a le mong ke karolo ya moaho wa setjhaba sefe kapa sefe.
Setjhaba se bopilwe ka eng hape ho feta mona? Re tla leka ho arabela potso ena ka ho tadima pele ?karolwana? tsa setjhaba. Tsona di bitswa ?dikarolwana tsa setjhaba?.
Dikarolwana tsa setjhaba
Ha re teha mohlala, batho ka bo mong ba kopana mmoho mme ba fetohe balekane le dipara ? tsa metswalle. Ka morao ho moo ba etsa malapa ? mefuta e fapaneng ya malapa. Jwale ka morao ho moo malapa a etsa mekgatlo mme mekgatlo ena e bopa ditjhaba. Jwalo feela ntho ena e tswela pele ho fihlela re ba le dinaha kaofela ha mmoho le dikontinente! Empa tsohle di qala ka motho a le mong, mme haeba batho setjhabeng ba sa thaba, kapa ba sa tsebe boleng ba bona setshwantshong se seholo, lefatshe le tla fetoha sebaka sa batho ba sa thabang haholo!
Le ha re le batho ba ikemetseng re le bang, re dula re phela jwalo ka mmoka kapa sehlopha. O ile wa utlwela ka maele a reng, ?Ha ho motho ya ka itshehlang thajana a le mong?. Hantlentle, ha ho na motho ya ka phelang a le mong. Ekasitana le ha o etsa dintho o le mong, o lokela hore o nkelle hloohong taba ya hore ho na le batho ba bang. O ka tlaila pina kapa wa kganna koloi ya hao ka lehlakoreng le fosahetseng la tsela ha o kgahlwa ke ho etsa jwalo. Empa o lokela ho lebella hore batho ba se ke ba dumella sena, mme o ka nna wa iphumana o kene bothateng ba ho hohlana le molao. Hona ho bolela hore batho ba dula e le karolo ya mmoka.
Ha re ke re emiseng re nahaneng ka mohato wa 2 mokgweng o lokelang ho kenngwa tshebetsong. O lokela ho hlahisa tseo o di hlokang, o di batlang, o di lakatsang kapa o di labalabelang. Jwale ka morao ho moo o tle ho mohato wa 3 le wa 4. Ke eng eo o lokelang hore o e utlwisise hore o tle o kgone ho feta mehatong ena ka katleho?
Mohlomong o ile wa lemoha hore ka dinako tse ding, ha o le sehlopheng mme o leka ho hlahisa maikutlo a hao (e leng ntho eo o e hlokang kapa o e batlang), ho thata ho hlahisa maikutlo a hao le wena. Mohlomong o tswile maemong a jwalo o ikutlwa hore wena ?ditaba? tsa hao ha di a rarollwa. Jwale ho etsahala jwang moo ho leng tjena?
Ke mona moo re shebanang le dipolotiki ha mmoho le matla.
Batho boinosing ba bona ba na le matla. Ena ke polelo e bonolo haholo empa ke ya bohlokwa haholo. Motho e mong le e mong o na le matla. Re na le matla hobane re a phela, hobane re kgona ho kgetha le ka mabaka a mang a mangata. Jwalo ka motho ya itseng o ka kgetha ho tseparela matla ao o nang le ona. O ka kgetha ho fana ka matla a hao ho motho e mong kapa ho sehlopha sa batho. O ka ba fa matla a hao ho a sebedisa ho wena kapa ho a sebedisa le wena.
Ho iketsa kgokanyana-phiri
Ho bopa dihlopha tsa setjhaba kapa mmoka ke ntho e amanang haholo le taba ya ?ho iketsa kgokanyana-phiri ho bopa letsema le matla?. Ha batho ba ?bokella? ho hong, ba kopanya sohle seo ba nang le sona mmoho mme ba se sebedisa ha mmoho e le hore ba kgone ho fihlela sepheo se itseng. Hantlentle ke yona ntho eo batho ba e etsang ha ba kene lekgotleng la stokvel kapa mokgatlong o bolokang tjhelete ? ba kopanya tjhelete ya bona. Re etsa ntho ya mofuta ona ha re lemohile hore letshwele le beta poho eleng ho bolelang hore batho ba bangata ba matla ho feta.
Haeba re batla ho bokella matla a rona boinosing ba rona ha mmoho ka katleho, re lokela ho fumana batho ba bang ba seng ba ntse ba na le ditlhoko tse tshwanang le tsa rona, ba nang le dintho tseo ba di batlang jwalo ka rona, ditakatso le ditabatabelo tse tshwanang le tsa rona. Boikgethelo bo bong boo re nang le bona ke ho netefatsa hore batho ba bang ba batla le ho hloka jwalo ka rona. Bakeng sa hoo, o lokela hore o fetole ditlhoko tseo eleng tsa hao le tseo o di batlang, kapa o lokela ho kgodisa batho ba bang hore ba fetole ditlhoko le dintho tseo ba di batlang. Ena ke ntho e amohelehang e ka etswang demokrasing.
Ho na le tsela e nngwe. O ka leka ho hahatlella batho ba bang ho fetola ditlhoko tsa bona le dintho tseo ba di batlang. O ka ba tshosa, wa sebedisa taba ya ho ba tswa ka tlase le ho ba kenyetsa tshabo.
Maqulwana a matla
Le ha o ka kgetha mokgwa wa pele kapa wa bobedi, seo o se etsang ke ho theha selekane se bitswang lequlwana la matla. Sehlopha sa netball ke lequlwana la matla le thehilweng ka batho ba thahasellang netball. Mokgatlo wa basebetsi ke lequlwana la matla le thehilweng ka batho ba batlang ho rarolla ditaba tsa basebetsi mmoho. Mekga ya dipolotiki ke maqulwana a matla. Ditho tsa mokga wa dipolotki ka tlwaelo di na le maikutlo a tshwanang a itseng le metheo.
Tshebediso ya karolelano ya matla e bitswa ?dipolotiki?.
Maqulwana a matla a ka hlahisa kgetho ya ona a ikentse kgokanyana-phiri. Ka mantswe a mang, a ka vouta a ipopile ngatana. A ka sebetsa ha mmoho ho fihlela sepheo sa ona ha mmoho. Rona batho ba Afrika Borwa re na le matla. Ho na le dintho tse ngata tse re bokanyang mmoho. Molao wa rona wa motheo o buwa ka e nngwe ya dintho tse re kopanyang mmoho. O re, ?Rona batho ba Afrika Borwa re dumela hore Afrika Borwa ke ya rona kaofela ba dulang ho yona, RE KOPANE ka ditjhaba tsa rona tse fapaneng.?
Dikgetho le matla
Maqulwana a matla a lokela ho etsa eng divoutung le dikgethong? Mohlomong o se o ile wa utlwela batho ba re dikgetho ke motheo wa demokrasi. Hona ho bolelang hantlentle? Ha re boneng:
Re itse dikarolwana tsa setjhaba di bopilwe ka batho. Motho e mong le e mong bathong bana o na le ditlhoko le dintho tseo a di batlang. Ha ho na le batho ba bangata karolwaneng ya setjhaba, ba kena morerong wa ho etsa diqeto ka baemedi.
Re itse mohato o le mong wa mokgwa wa tshebetso ya demokrasi o amana le ho etsa qeto ya ka moo ho lokelang hore ho sebetswe ka teng. (Hona ho etsahala mohatong wa 4.) Batho ba lokela ho dumellana le ka mokgwa oo ba tla hlahisa kgetho ya bona ka ona. Ha o etsa qeto ya ho sebedisa moemedi ho etsa diqeto lebitsong la hao, o nehelana ka matla ao o nang le ona ho moemedi. Moemedi wa hao a ka sebedia matla ao, eleng a hao ntlheng ya pele, ho wena kapa le wena. Eo ke kgetho ya hao.
Ho na le dintho tse ngata tse amehang mona, mme o lokela ho di laola kaofela. Ho etsa jwalo, o hloka ditsela le mekgwa ya tshebetso.
Mokgwa wa ho Kgetha
Ha batho ba hlahisa kgetho ya bona ka diqeto tse tla ama batho ba bangata kapa tse tla ama karolo e kgolo ya setjhaba, ba hloka mekgwa ya ho kgetha e tla ba thusa ho laola tsela eo ba hlahisang kgetho ya bona ka teng.
Mohlala, le ka dumellana hore bohle ba tla amohela qeto e tshehetswang ke divoutu tse ngata ho feta. Hona ho bitswa hore ke mokgwa wa bongata, hobane qeto e etswa ke palo e ngata ya batho. Le batho ba voutetseng ntho e nngwe e fapaneng ba lokela ho amohela qeto e fihletsweng ke bongata ba batho. Haeba le ka dumellana ho etsa sena ka mokgwa o mong o fapaneng le oo, jwale mokgwa oo o bitswa mokgwa wa bonyenyane. O ka nna wa ba le mokgwa o mong wa tshebedisano (compromise system) moo qeto ya bongata e amohelwang, empa ditlhoko le dintho tse batlwang ke batho ba palo e nyenyane di tlang ho nkelwa hloohong le tsona.
Ha le kgetha moemedi, le ka dumellana le ka hore motho ya fumanang divoutu tse ngata ke yena mohlodi. Mokgwa ona o bitswa hore ke mohlodi o hapa tsohle kapa tsela ya, ya se nang sekaja mma?e a tele. Sena nneteng ke mokgwa wa bongata. Motho ya fumanang divoutu tse ngata e ba yena moemedi mme o amohela matla a thomo a tswang bathong ba bangata.
Dihlopha tse ding kapa mmoka ha di rate mekgwa ena. Batho ba dihlopheng tsena ba lemoha hore hara bona ho na le ditlhoko tse ngata tse fapaneng le dintho tseo batho ba di batlang. Ba batla ho fumana tsela ya ho boloka ho fapafapana ha bona. Ba ka sebedisa mokgwa o bitswang hore ke boemedi ba papiso.
Moo ho leng tjena o lokela ho fumana pele hore o hloka baemedi ba palo e kae pele ba tla emela batho kaofela. O fumana hore ke batho ba palo e kae ba batlang ntho e itseng, ke ba palo e kae ba batlang ntho e nngwe, le hore ke batho ba palo e kae ba batlang ntho e nngwe e fapaneng, jwalo jwalo. O arola palo ya batho kaofela ka dihlopha tsena, mme o fumane boemedi ba sehlopha se seng le se seng bathong bao kaofela. Mohlala:
Palo ya mmoka wa batho kaofela ke = 100%
Ba batlang X ke = 50%
Ba batlang Y ke = 30%
Ba batlang Z ke = 20%
Jwale o bala hore sehlopha se seng le se seng se tla hloka baemedi ba palo e kae. Sehlopha se hlokang X se tla fumana 50% ya baemedi. Sehlopha se hlokang Y se tla fumana baemedi ba etsang 30%, mme sehlopha se batlang Z se tla fumana baemedi ba etsang 20% ho baemedi kaofela. Ka mantswe a nang, ba nang le tshehetso ya matla a maholo ho feta ba tla fumana boemedi bo boholohadi. Ba nang le tshehetso ya matla a manyenyane ho feta ba tla fumana baemedi ba palo e nyenyane.
Boemedi bona ba papiso ke mokgwa o kgothaletsang phapano.
Ha re a buwa ka melemo le mathata a mekgwa ena, empa re tshepa hore re hlalositse ho lekaneng hore o kgone ho bona bohlokwa ba kgetho ya motho e mong le e mong. Voutu ya hao ke ya bohlokwa! O ka etsa hore e be ya bohlokwa ka ho itahlela ka setotswana dikgethong.
Mekgwa ya dikgetho
Ha le dumellane ka mokgwa o itseng, le lokela ho kgetha hore ke mang ya tla o tsamaisa dintho ? molaodi. Le lokela ho hlophisa mekgwa e itseng. Mohlala:
Le lokela ho bala batho ba sehlopha se tla angwa ke qeto ena. Ke bo mang? Ba fumaneha hokae? O ba fumana jwang?
O hloka mekgwa ya tshebetso e tla dumella batho hore ba bolele hore ba a ameha.
Ho tshwanetse hore ho be le mekgwa e hlakisang hore ba tla bontsha kgetho ya bona jwang, hore o tla bala kgetho tsa bona jwang le hore o tla etsa qeto ka se bolelwang ke dipalo tsena ka tsela e jwang.
O hloka mekgwa ena ya tshebets hore o tle o kgone ho tsebisa batho hore sephetho ke sefe.
Afrika Borwa, dikgetho tsa naha, tsa provense le tsa selehae di tsamaiswa ke Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho ? IEC. IEC ke molaodi bathong bao le mekgeng ya dipolotiki e qothisanang lehlokwa dikgethong tsena. IEC e kenya tshebetsong mekgwa e itseng e tla thusa naha yohle ho ka kenela kgetho ya baemedi. IEC e ngodisa mekga ya dipolotiki mme e netefatsa hore mokga o mong le o mong o na le letshwao le fapaneng le matshwao a mekga e meng a tla etsa hore mekga e tsejwe ka ona. IEC e boetse e ngodisa batho ba batlang ho hlodisana dikgethong. Batho bana re ba bitsa bonkgetheng. IEC ha e etse qeto ka mokgwa wa ho kgetha. Ha mokgwa o se o le teng e laola tsela eo mokgwa ona o tla sebetsa ka wona.
Kareteng e hlahlamang le ya ho qetela re tla tadima mmuso wa selehae le hore demokrasi e sebetsa ka tsela jwang ho etsa hore bohle ba be le kabelo ho yona naheng ya Afrika Borwa. Mamella hore o utlwe ditaba tsa karolo ya qetelo!
Z-Karete ya 4: Dikgetho tsa mmuso wa selehae
Kareteng ena re tla shebana le Afrika Borwa jwalo ka karolo eo ho phelang setjhaba sa batho ho yona. Ka ho ikgetha, re tadima mmuso wa selehae ho la Afrika Borwa.
Afrika Borwa re arotse mmuso wa rona ka mahlakore a mararo ? mmuso wa naha, wa provense le wa selehae. Mahlakore ana a hokahane (tadima setshwantsho). Lehlakore ka leng le na le boikarabelo ba lona ha mmoho le mesebetsi ya lona. Boikarabelo bo itseng bo arolelanwa ke mmuso wa naha le mmuso wa provense, ha boikarabelo bo bong bo arolelanwa ke mmuso wa provense le wa selehae. Ho na le mesebetsi e arolelanwang ke mahlakore kaofela. Tokelo ya ho phela ke boikarabelo ba mahlakore ana ohle. Kamano dipakeng tsa mahlakore a mmuso e bitswa tshebedisano (intradependence). Ha ho na lehlakore leo e leng la bohlokwa ho feta le leng. Mahlakore ana a sebetsa mmoho ho netefatsa hore Afrika Borwa ke demokrasi e matla le e tlokomang. Kaofela bonngweng ba ona mahlakore ana a na le mosebetsi o ikgethang.
Demokrasi ya rona lehlakoreng la naha le la provense e na le boemedi bo anetseng. Re kgetha moemedi wa rona (ho o mong wa mekga ya dipolotiki) ho etsa qeto tse re amang. Re na le monyetla wa ho boela re sheba matla a thomo hape ka morao ho dilemo tse ding le tse ding tse hlano.
Lehlakoreng la mmuso wa selehae, re na le demokrasi e fanang ka monyetla wa demokrasi e dumellang batho ho e kenela. Ho na le mekgwa e mengata e teng ho netefatsa hore baemedi mmusong wa selehae ba sebetsa le wena nakong ya ho etsa diqeto kaofela ha yona.. Seabo sa rona mosebetsing wa ho etsa diqeto se na le tshusumetso ya hore re thulana le bophelo ba rona ka tsela e jwang.
Re na le batho ba ka bang 45 million ba dulang Afrika Borwa. Re ke ke ra kgona ho kenya letsoho ka ho otloloha kaofela ha ho nkuwa diqeto boemong ba naha kapa boemong ba provense. Mahlakoreng ana a mmuso, boikgethelo bo molemo ho rona ke ho kenya letsoho ka baemedi. Lehlakoreng la mmuso demokrasi ya rona e dumella batho ba bangata ho ba le seabo. Empa ke hobaneng o lokela ho ba le seabo mmusong wa selehae? Hobaneng o lokela ho tsotella sena?
Boikarabelo ba mmuso wa selehae
Mmuso wa selehae o na le boikarabelo ba hore setjhaba sa selehae se sebeletswe. Hona ho bolela hore mmuso wa selehae o lokela ho netefatsa hore batho ba selehae ba fumana ditshebeletso tsa mantlha.
Mmuso wa selehae o thehilwe ka bomasepala. Masepala o tsamaiswa ke lekgotla kapa khansele. Dikhansele di bopilwe ka ditho tse kgethilweng tsa khansele (dikhanselara) mme bahlanka ba kopana ho tshohla taba ya ho sebeletsa batho ba sebaka sena. Dikhaselara di etsa maano le meralo ya hore ho tle ho sebeletswe setjhaba sa moo. Bahlanka ba lokela ho sebeletsa batho. Ho na le mefuta e mengata e fapafapaneng ya bahlanka. E ka ba baoki ba tliniking, diakhaontente, bangodi, ditlereke, batho ba thothang matlakala jwalo jwalo. Dikhanselara di a kgethwa (ke baemedi ba batho). Bahlanka ba sebeletsa khansele. Ba fuwa mosebetsi jwalo ka mosebetsi e mong le e mong.
Ditshebeletso tsa mantlha tseo mebuso ya selehae e lokelang ho fana ka tsona ke dife? Mehlala e meng ke ena:
metsi le motlakase ho hleka matlakala ho tsamaisa dikgwerekgwere ho betla ditsela le ho hlokomela ditsela tsa masepala ho laola ditshebeletso tsa dipalangwang tsa masepala ho tsamaisa ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa masepala ho hlokomela diteishene tsa boraditimamollo, dimmaraka, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nama e jewang teng, le mabitla ho kgothaletsa bohahlaudi
Ha o nahana ka tshebeletso e nngwe le e nngwe ho tsena, o tla lemoha hore sepheo sa mmuso wa selehae ke ho fana ka ditshebeletso tseo re di hlokang bohle hore re phele hantle re dule re thabile.
Demokrasi e kenyeletsang bohle mmusong wa selehae
Hobane re ke ke ra kgona ho ba le seabo ka tsela e otlolohileng ha ho etswa diqeto tse re amang, re kgetha baemedi ho re etsetsa mosebetsi ona mahlakoreng a mmuso kaofela. Pusong ya selehae, baemedi ba rona ke batho bao re ba bitsang dikhanselara. Batho bao le bahlanka ba masepala ba sebetsa le rona ho ka kgotsofatsa ditlhoko tsa rona tsa mantlha.
Kutlwisiso Afrika Borwa ke hore mmuso wa selehae o sebedisa demokrasi e dumellang bohle ho ba le seabo. O ka utlwisisa hore ke hobaneng: Puso ya selehae e na le boikarabelo ba ditaba tse re amang letsatsi le leng le le leng. Re re ditaba tsena ke tsa tse yang ka mpeng.
Di sebetsa jwang? Nahana ka dikarolo tsa batho ba bopang masepala: ke motho a le mong, dipara kapa balekane, malapa, mekgatlo le ditjhaba. Ditjhaba di hlophisitswe ka masaka kapa diwate (wards), mme ho la Afrika Borwa re na le diwate tse bokantsweng mmoho ho bopa ditereke. Metse e meholo haholo e bitswa Bomasepala ba Metropolitan. Mona ho na le diwate tsa palo e kgolo, empa ha ba na ditereke.
O kenya letsoho jwang mmusong wa selehae?
Batho ba bang ba dulang Afrika Borwa ba na le tokelo ya ho vouta mme ba bang ha ba na tokelo e jwalo. Ha o vouta, o ba le seabo mmusong, empa le ha o sa voute, o ka nna wa kenya letsoho. Sena se bolela hore haeba o sa voute o ntse o na le boikarabelo ba ho netefatsa hore bao ba kgonang ho vouta ba tseba ditlhoko tsa hao, dintho tseo o di batlang, ditakatso le ditabatabelo tsa hao. Ntlha ena ke ya bohlokwa hobane kgetho tseo ba di etsang di tla o ama le wena. Ka hoo o lokela ho fumana tsela ya ho netefatsa hore ditlhoko le dintho tseo o di batlang di nkellwa hloohong. O lokela le ho hlokomela hore tikoloho naheng ena kaofela e dumella bohle ho hlahisa maikutlo a bona ka bolokolohi.
Demokrasi ha e kgaotse ha batho ba qeta ho vouta. Re lokela ho dula re etsa qeto tsa hore ditlhoko tsa rona ke dife le ho bona hore di a kgotsofatswa. Mmusong wa selehae, mohopolo wa bona wa demokrasi e kenyeletsang batho ke hore o ka ba le seabo nakong eo ho etswang qeto ya hore ho tla etswa eng, hokae le ka tsela e jwang.
Na o etsa seo? Kapa o nehelane ka matla ao o nang le wona ho motho e mong eo o sa mo tsebeng le ho mo tseba? Ha o entse jwalo, re tshepa hore lethathama lena la meqoqo le o kgothaleditse ho nahana ka diketso tsa hao le sephetho sa diketso tsa hao.
Ha o vouta, o etsa letshwao la hao. O etsa hore lentswe la hao le balellwe! Voutu ya hao e nehelana ka matla a thomo ho moemedi wa mokga hore a kgone ho etsa diqeto ditabeng tsa bohlokwa.
O ka etsa jwang hore o be le seabo?
Ngodisa jwalo ka motho ya tla vouta. Etsa bonnete ba hore lebitso la hao le teng Lenaneng la Bakgethi. Ona ke motjha wa ho ba le seabo mekgweng ya ho etsa diqeto tse amang bophelo ba hao hona jwale le nakong e tlang.
Ditlwaelo tseo re bang le tsona bonyenyaneng ba rona di tsamaya le rona ho fihlela re fetoha batho ba baholo. Ngodisa o voute hona jwale mme o be le bonnete ba hore kamoso, ha o se o le motho e moholo, Afrika Borwa e tla ba le demokrasi e tsitsitseng ho feta.
Ha o dutse o fadimehile, o phahametse mapoqo mme o kentse letsoho ha dintho di etsahala, o na le tokelo ya ho botsa: ?Ke ne ke le kae ha qeto eo e etswa??
Kgothalla ho etsa ho itseng!
Ke lebohela nako eo o ileng wa re fa yona! Afrika Bowa le wena ke ya hao! Etsa dintho jwalo ka ha o tseba taba eo!
